Pholisi ya rona ya ho Boloka Lekunutu e ntjhafaditswe ka Apr. 24th 2019. Re ntjafaditse ponahalo ya Pholisi ya ho Boloka Lekunutu le ka morao ha yona ho qala letsatsing lena ho ya pele, Pholisi ena ya ho Boloka Lekunutu e na le boitsebiso bo hlalosang ka tsela ya rona ya ho boloka tlhahisoleseding ya hao ya botho e le lekunutu ho dihlahiswa kaofela tsa Yeelight le ditshebeletso.
Re kopa hore o iphe nako ya ho itlwaelanya le ditshebetso tsa rona tsa ho boloka lekunutu mme o re bolelle haeba o na le dipotso dife kapa dife.
Pholisi ena ya ho Boloka Lekunutu e hlalosa kamoo Qingdao Yeelink Information Technology Co., Ltd.le dikhamphane tseo e sebedisanang le tsona tse leng ho Qingdao Yeelink Information Technology Co., Ltd.("Yeelight", "we", "our" or "us") di kopanyang, di sebedisang, di hlahisang, di sebedisang le ho sireletsa boitsebiso bo o bo hlahisang ha o sebedisa dihlahiswa tsa rona le ditshebeletso tse leng www.yeelight.com, dihlahiswa tsa Yeelight le ditshebeletso tsa rona kaofela. Haeba re ka o kopa ho hlahisa boitsebiso bo itseng ka wena bo nang le boitsebiso ba hao ba botho ha o sebedisa dihlahiswa tsa Yeelight le ditshebeletso, boitsebiso bona bo tla sebediswa ho ya ka Pholisi ya ho Boloka Lekunutu le maemo a mosebedisi.
Pholisi ya ho Boloka Lekunutu e etseditswe wena, mme ho bohlokwa hore o be le kutlwisiso e feletseng ka ho kopanya ha rona tlhahisoleseding ya botho le ho e sebedisa, haesita le ho dumela ka tieo hore ke wena ya laolang boitsebiso ba hao ba botho bo o bo hlahisitseng ho Yeelight.
Pholising ena ya ho Boloka Lekunutu, "tlhahisoleseding ya botho" ke boitsebiso bo sebediswang ho hlalosa motho, e ka ba boitsebiso bo hlalosang motho kapa e le boitsebiso bo kopanywang le boitsebiso bo bong boo Yeelight e nang le bona ka motho yo itseng. Tlhahisoleseding ya botho e jwalo e ka akaretsa empa e se e feletseng ho boitsebiso bo o bo hlahisang ho rona kapa o bo kenyang inthaneng, boitsebiso ba sesebediswa, le tse ding.
Ka ho sebedisa dihlahiswa tsa Yeelight le ditshebeletso, o dumela hore o badile, o dumelelana le ho amohela ditaelo kaofela tse hlahang ho Pholisi ya ho Boloka Lekunutu, haesita le diphetoso kaofela tseo re ka di etsang. E le hore re ikamahanye le melao e sebetsang, ho kenyeletswa le molao wa lehae wa tshireletso ya datha (ka mohlala, General Data Protection Regulation in Europe Union), re tla hloka ka ho qollehileng tumello e hlakileng bakeng sa tshebetso e kgethehileng (ka mohlala, diqeto tse etswang ka motjhini) ya dihlopha tse kgethehileng tsa datha ya botho. Re itlamme ho sireletsa poloko ya sephiri, lekunutu le tshireletso ya tlhahisoleseding ya hao ya botho re ikamahantse le melao e sebetsang, ho kenyeletsa le molao wa lehae wa tshireletso ya datha. Ka tsela e tshwanang le e lekanang re itlamme ho etsa bonnete ba hore basebetsi bohe ba rona le baemedi ba boloka boitlamo bona.
Qetellong, seo re se batlang ke se hlwahlwa bakeng sa basebedisi bohle ba rona. Haeba o sa dumelelane ka tsela e itseng le tsela ya rona ya ho sebedisa boitsebiso e hlalositsweng ho Pholisi ya rona ya ho Boloka lekunutu, hle ikhokahanye le Molaodi wa ho Sireletsa Boitsebiso wa rona ho dpo@yeelight.com ho totobatsa maikutlo a hao. Re tla thabela ho di araba ka kotloloho.
E le hore re o nehe ditshebetso tsa rona, re tla kopa hore o re nehe tlhahisoleseding ya botho e hlokahalang hore re o nehe ditshebeletso tseo. Haeba o sa re nehe tlhahisoeseding ya hao ya botho, re ke ke ra kgona ho neha dihlahiswa tsa rona kapa ditshebeletso.
Re tla bokella feela tlhahisoleseding e hlokahalang bakeng sa merero ya yona e qollehileng, e hlakileng le e tshwanelehang mme e ke ke ya sebediswa ho feta moo ka tsela e sa dumellaneng le merero eo. Re ka bokella mefuta e latelang ya tlhahisoleseding (eo e ka nnang ya ba tlhahisoleseding ya botho kapa e se be yona):
Tlhahisoleseding ya botho e bokellwa bakeng sa ho o neha ditshebeletso le / kapa dihlahiswa, le boikamahanyo ba rona le molao tlasa melao e sebetsang. Kahoo o dumela hore re ka sebedisa le ho hlahisa boitsebiso ba hao ba botho ho dikhamphani tseo re sebedisanang le tsona, Dikhamphane tse ding tsa Ditshebeletso (tse hlaloswang ka tlase mona) bakeng sa merero e hlaloswang Pholising ena ya ho Boloka Lekunutu.
Re ka sebedisa tlhahisoleding ya hao ya botho bakeng sa merero e latelang:
Re ka sebedisa aterese ya hao ya emeile, ID ya Akhaonto ya Mi ho hlahisa dipapatso ka kotloloho ho wena ka dihlahiswa le ditshebeletso tsa dikhamphani tsa Yeelight le dikgwebo tse sebedisanang le rona tse nang le netweke, ditshebeletso tsa founo le dihlahiswa le ditshebeletso tsa cloud Re tla sebedisa tlhahisoleseding ya hao ya botho ha feela re fumane tumello ya hao kapa letshwao la hore o dumellana le melao ya sebakeng sa hao ya ho sireletsa boitsebiso, e leng se ka batlang tumello ya hao ka ho toba. O na le tokelo ya ho kgaotsa bonkakarolo ba hao tshebedisong e sisintsweng ya datha ya hao ya botho bakeng sa dipapatso ka kotloloho. Haeba o batla ho kgaotsa ho fumana mefuta e itseng ya dipuisano tsa imeile, o ka emisa sena ka ho latela linki ya ho kgaotsa e leng tlase ho puisano e nngwe le e nngwe kapa ka ho re romela emeile ho privacy@yeelight.com. Re ke ke ra fetisetsa datha ya hao ya botho ho basebetsi-mmoho kgwebong bakeng sa dipapatso ka kotloloho.
Ha re rekisetse dihlopha tse ding tlhahisoleseding efe kapa efe ya botho.
Ka dinako tse itseng re ka senola tlhahisoleseding ya hao ya botho ho e neha dihlopha tse ding (jwalo ka ha ho hlalositswe mona ka tlase) e le hore ba fane ka dihlahiswa kapa ditshebeletso tseo o di kopileng.
Tshenolo e ka nna ya fetisetswa ho Bafani ba Bang ba Ditshebeletso le dikhamphani tse sebedisanang le rona tse thathamisitsweng karolong ena e ka tlase. Maemo kaofela a thathamisitsweng karolong ena, o na le bonnete ba hore Yeelight e tla abelana tlhahisoleseding ya hao ya botho ho ya ka tumello ya hao. Ho dumella ha hao Yeelight ho tsa dumella mehato e itseng ya ho sebedisa tlhahisoleseding ya hao ya botho. O lokela ho itse hore ha Yeelight e abelana tlhahisoleseding ya botho le dikhamphani tse ding ho ya ma maemo a hlalositsweng karolong ena, Yeelight e tla hlalosa hantle hore khamphani e nngwe e ka tlase ha melao le ditaelo tse tsamaisanang le melao ya sebaka ya ho sireletsa boitsebiso. Yeelight e tla netefatsa hore Dikhamphane tse Ding tsa Ditshebeletso di tsamaisana le melao ya lekunutu yeo di leng tlase ho yona mabapie le wena.
Bakeng sa ho tsamaisa dintho tsa kgwebo ka lenane le ho tsweletsa dihlahiswa le ditshebeletso ho wena hantle, re ka senola tlhahisoleseding ya hao ya botho ka dinako tse itseng ho dikhamphane tse ding tse sebedisanang le Yeelight, kapa dikhamphani tse ding tsa ditshebeletso tseo di re thutsang ka diimeile, ho romela ditshebeletso, dibaka tsa dipuisano, dibaka tsa boitsebiso, dibaka tsa bobolokelo ba boitsebiso, batsweledi ba dihlahiswa, dipapatso le batsweletsi ba dipapatso tse atolohileng, le baemedi ba Yeelight Dikhamphane tse Jwalo tsa Batsweledi ba Ditshebeletso di ba sebedisa tlhahisoleseding ya hao lehatong la Yeelight kapa bakeng sa merero e meng e hlalositsweng mona. Haeba o batla ho emisa ho re dumella ho abelana boitsebiso bona, hle ikhokanye le rona ho privacy@Yeelight.com.
Xiaomi e sebedisana le sehlopha sa dikhamphane tse ntle tse ngata, tse hammoho di etsang Mi Ecosystem. Dikhamphane tsa Mi Ecosystem ke dikhamphani tse ikemetseng, tse nang le tsheletele ya Xiaomi le tse ahilweng ke yona, mme ke tseba mosebetsi wa tsona hantle. Yeelight e ka senola tlhahisoleseding ya hao ya botho ho Xiaomi kapa ho dikhamphani tse ding tsa Mi Ecosystem hore di khone ho tsweletsa ho wena dihlahiswa le ho ntjhafatsa disebediwa le ditshebeletso (e ka ba ka mofuta wa hardware le software) ho tswa Mi Ecosystem. Tse ding tsa dihlahiswa tsena le ditshebeletso, ka sebele di tla ba ka tlase ho dibhrende tsa Xiaomi / Mijia / Mitu, mola tse ding di ka sebedisa bhrende ya rona. Yeelight e tla nka mehato e loketseng ya mekhatlo le ya setekniki ho netefatsa hore tlhahisoleseding ya hao e a sireletswa nakong ya ho abelanwa ha boitsebiso, ho akaretsa empa e seng ho fella ho ho boloka tlhahisoleseding ya hao ya botho e le lekunutu. Haeba Yeelight e ka kopanywa le dikhamphani tse ding, ya rekwa kapa ya rekisa diasee tsa yona kapa karolo e itseng ya diasete tsa yona, o tla tsebiswa ka emeile le/kapa wa fumana temoso ho wepsaeteng ya rona, ka diphetoho tsa baokamedi, ho sebediswa ha tlhahisoleseding ya botho, le diphetho tseo o ka bang o na le tsona ka tlhahisoleseding ya hao ya botho. Yeelight e tla leka ho netefatsa hore motho ya rekang khamphani a sebedise tlhahisoleseding ya botho ka tsela e latelang Pholisi ena ya ho Boloka Lekunutu ho qala ka letsatsi leo boitsebiso bona bo bokellwang.
Yeelight e ka senola tlhahisoletseding ya hao ya botho ntle le tumello ya hao hore e tsamaisane le melao ya sebaka.
Re ka senola boitsebiso ntle le lebitso le ditlaleho ka tsela ya bongata ho dikhamphane tse ding bakeng sa merero ya kgwebo, ka mohlala e ka ba ho babapatsi wepsaeteng ya rona, re ka ba tsebisa ka tse tumileng ka tshebeso ya rona ya ditshebeletso, ho tshwana le nomoro ya dikhasetama tsa rona tse rekileng dihlahiswa tse itseng kapa ba ntseng ditheko tse itseng.
Ka tiyo, Yeelight e ka bokella, ya sebedisa kapa ya senola tlhahisoleseding ya hao ya botho ntle le tumello ya haeba e dumellwa ke melao ya sebaka sa hao ya ho sireletsa boitsebiso. Tshenolo e jwalo e ka hlahiswa ke haeba ho hlokahala hore ho sireletswe ditokelo tsa hao, ho etsa bonnete ba hore wena le batho ba bang le bolokehile, le ho ikamahanya le ditlhoko ho tsa mmuso wa lehae bakeng sa ho thusa ka diphuputso mesebetsing ya tlolo ya molao.
Re itlamme ho etsa bonnete ba hore tlhahisoleseding ya hao ya botho e sireletsehile. Bakeng sa ho thibela ba kenang ntle le tumello, ho senolwa kapa maemo a math a kotsi, re entse ka ho lebanya melao le ya setekniti le melao ya bolaodi ho sireletsa boitsebiso bo re bo bokellang ha o sebedisa dihlahiswa le ditshebeletso tsa Yeelight le diwepsaete tsa Yeelight. Re tla sebedisa boiteko bohle bo utlwahalang ho sireletsa tlhahisoleseding ya hao ya botho.
Ka mohlala, ha o fihlella Akhaonte ya Mi ya hao, o ka kgetha ho sebedisa tshebetso ya rona e nang le mehato e mmedi ya netefatso bakeng sa tshireletso e molemo haholwanyane. Ha o romela kapa o fumana tlhahisoleseding ho tswa ho sesebediswa sa Yeelight ho sebara ya rona, re netefatsa hore di bolokwa e le lekunutu re sebedisa Secure Sockets Layer ("SSL") le dihlahiswa tse ding.
Tlhahisoleseding kaofela ya hao ya botho e ho disevara tse bolokehileng tse sireleditsweng mehahong e laolwang. Re hlophisa datha ya hao ho ya ka bohlokwa le lekunutu la yona, le ho etsa bonnete ba hore tlhahisoleseding ya hao ya botho e na le maemo a phahameng ka ho fetisisa a tshireletso. Re etsa bonnete ba hore basebetsi ba rona le Bafani ba bang ba Ditshebeletso ba nang le phihlello ho tlhahisoleseding ba thusang ka ho o neha dihlahiswa tsa rona le ditshebeletso ba ikamahanya ka thata le boitlamo le boikarabelo ba kontraka ba ho boloka lekunutu mme ba kgalemelwa kapa ho ka kgaotswa tshebeletsong ya bona haeba ba hlolela ho boloka boitlamo le boikarabelo bo jwalo. Re boetse re na e taolo e kgethehileng bakeng sa datha e bolokilweng ho tlelaote . Ka kakaretso, re hlahloba ka mehla pokeletso ya rona ya tlhahisoleseding, poloko ya yona le ditshebediso, ho kenyeletswa la mehato e bonahalang ya tshireletso, ho sireletsa kgahlanong le phihlello e sa dumellwang le tshebediso.
Re nka mehato kaofela e sebetsang ho sireletsa tlhahisoleseding ya hao ya botho. Le ha ho le jwalo, o tshwanetse ho lemoha hore tshebediso ya Inthanete ha e a sireletseha ka ho feletseng, mme ka lebaka lena re ke ke ra fana ka tiisetso bakeng sa tshireletso kapa tshepahalo ya tlhahisoleseding efe kapa efe ya botho e fetiswang ke wena kapa e fetisetswang ho wena ka Inthanete.
O na le tshwanelo ya ho kgaotsa ditshebeletso tse itseng le ditshenolo tse itseng tsa tlhahisoleseding ya botho. Haeba o dumelletse Yeelight ho sebedisa tlhahisoleseding ya hao ya botho, o ka kgaotsa sena ka nako efe kapa efe mme o kgaotse ho sebediswa ha boitsebiso ba hao ka ho ikhokahanya le Yeelight. E le hore re o nehe ditshebetso tsa rona, re tla kopa hore o re nehe tlhahisoleseding ya botho e hlokahalang hore re o nehe ditshebeletso tseo. Haeba o sa re nehe tlhahisoeseding ya hao ya botho, re ke ke ra kgona ho neha dihlahiswa tsa rona kapa ditshebeletso. Le haeba o ka kgaotsa, re sa ntse re tla bokella tlhahisoleseding e seng ya botho le mehato yeo o e nkang wepsaeteng ya rona le/kapa boitsebiso ho tswa ho babapatsi ba dikhamphani tse ding tseo o se nang kgahleho ho tsona, ho bona hore naa dipapatso di ntse di ho ama jwang.
Haeba o fumana diemeile tse o sa di batleng ho rona, o ka sebedisa linki e tlase leqepheng la emeile ho kgaotsa kapa wa re romela emeile hore re kgaotse ho o romelw diimeile. Re tla o thusa ka bothata ba hao ka nako e loketseng. O se leabale hore o tla tswelapele o fumana diimeile tse amanang le dihlahiswa le ditshebeletso tseo o di kopileng. Hape re ka leka ho buisana le wena ka dintho tse ding mabapi le Yeelight ka dihlahiswa le ditshebeletso, mme o ka se kgone ho kgaotsa dipuisano tse jwalo (ka mohl, dipuisano mabapi le ntjafatso ya Pholisi ya ho Boloka Lekunutu).
O se Hlahlobe (“DNT”) ke kgetho e ka etswang ke basebedisi ho diporausara tse itseng. DNT ke tsela yeo basebedisi ba tsebisang diwepsaete le ditshebeletso hore ha ba batle tlhahisoleseding ya leqephe la bona la wepsaete leo ba le tjaketseng le bokellwa kapa wepsate kapa ditshebeletso tsa inthaneteng. Ka kopo tseba hore ha re sebedisane le ho khokahana le di DNT kapa dintho tse tshwanang tse etswang ho diporausara.
Tlhahisoleseding ya hao ya botho e tla bokellwa ho fihlella ka nako e loketseng bakeng sa merero yeo e bokellwetsweng ka yona, kapa ha ho hlokahala kapa ho dumelletswe ke melao ya sebaka. Re tla kgaotsa ho bokella tlhahisoleseding ya botho, kapa ra tlosa lebitso la motho yo tlhahisoleseding e bokelletsweng ka lona, ha feela re bona hore merero ya ho bokella ha e sa le teng ka ho tlosa tlhahisoleseding kaofela ya motho yo e bokellwang ka yena.Haeba ho bokella e le bakeng sa ho boloka bakeng sa ditshebeletso tsa batho, thutamahlale kapa bakeng merero ya dipatlisiso tsa histori kapa bakeng sa ditlaleho ho ya ka melao ya sebaka, tlhahisoleseding e ka bolokwa ke Yeelight le haeba merero ya teng e fapane le merero ya pele.
Tlhahisoleseding kaofela ya botho e leng sesebedisweng e tla phumulwa ha o phumula dintho tsa founong ya hao kaofela. Ho phumula dintho kaofela founong, o ka latela tlhahlo ya rona ho wepsaete ya maleba: http://www.yeelight.com/faq/app/reset/index.php?lang=en_US. Hle lemoha hore o ka se khutlise dintho tse o di phumutseng, kamoo ho bohlokwa hore o netefatse hore ha o sa hloka boitsebiso bona.
Diaplikheishene tsa rona di ka hloka phihlello ho difitjhara tse itseng ho sesebediswa sa hao tse jwalo ka neteweke ya Wi-Fi. Tlhahisoleseding ena e sebediswa bakeng sa ho dumella diaplikheishene ho sebetsa sehlahisweng sa hao le ho o dumella ho hokahana le diaplikheishene. O ka khaotsa ka nako le ha e le efe ka tima sena ho sesebediswea kapa ka ho ikopanya le rona ho privacy@yeelight.com
Yeelight e lemoha hore batho ba sheba ho boloka tlhahisoleseding e le lekunutu ka ditsela tse fapaneng. Kahoo, re nea mohlala yeo e fumanehang ho Yeelight yeo o ka kgethang ho yona ho thibela ho bokellwa ha boitsebiso, tshebediso, tshenolo kapa ho sebediswa ha tlhahisoleseding le taolo ho dipeakanyo tsa likunutu.
Haeba nakong e fetileng hore re sebedise tlhahisoleseding ya hao ya botho bakeng sa merero e ka hodimo, o ka fetola mohopolo ka nako efe kapa efe ka ho re ngolela kapa ka ho re ngolela emeile ho privacy@yeelight.com.
Leha Yeelight e leka ka hohle ho netefatsa gore batho ba fumana tlhahisoleseding ya bona ya botho, ho ka ba le maemo ao ho wona e sa dumelleng batho ho sheba boitsebiso ba bona, ho akarelletsa empa e seng ho fella ho: moo tlhahisolesedig e akaretsang boitsebiso ba tsa molao, e ka amang dipholisi tse ding tsa lekunutu kapa ditshwanelo tse ding, moo ditshenyahalelo tsa ho dumelela ho kena di ka se lekaneng le maemo a ho kena ho ya ka pholisi ya motho ya lekunutu ho taba e leng teng kapa e leng ditaba tsa dithekiso. Haeba Yeelight e lemoha hore ho kena ho lokela ho thibelwa ka tsela le ha e le efe, re tla ho fa tlhaloso e feletseng ya lebaka leo taba e jwalo e entsweng ka lona le tsela ya ho ikhokahanya bakeng sa haeba o na le dipotso tse eketsehileng. Ho sireletsa lekunutu la hao, Yeelight e tla nka mehato e loketseng ya ditshelete ho netefatsa mabitso a hao pele e ho dumella ho kena kapa ho fetola tlhahisoleseding ya botho.
Bakeng sa boitsebiso mabapi le tlhahisoleseding ya botho, le wena o ka kgona ho kena le ho fetola dintho https://cloud-bj.yeelight.com/consumer/privacy-data.
Haeba ho ka etsahala hore re fetisetse tlhahisoleseding ya hao ya botho ho dikhamphane tse ding, tse jwalo ka dikhamphane tseo re sebedisanang le tsona (e leng dikhamphane tsa dipuisano, tsa dibaka tsa dipuisano, tekinolotji le dikgweo tsa cloud) kapa Batsweletsi ba Bang ba Ditshebeletso, re tla etsa sena ka ho dumelelana le melao ya sebaka. Ka ho kgethehileng, re tla etsa bonnete ba hore diphetiso kaofela di etswa ho ya ka ditlhokeho tlasa melao e sebetsang ya sebaka ya tshireletso ya datha ka ho kenya tshebetsong tshireletso tse tshwanelehang. O tla ba le tshwanelo ya ho tsebiswa ka mehato ya tshireletso e nkilweng ke Yeelight maemong ana a ho fetisetswa ha tlhahisoleseding ya ho ya botho.
Yeelight e ka sebedisa dibaka tse mose ho mawatle tsa taolo tse laolwang le ho tsamaiswa ke Yeelight ho sebedisa le ho boloka tlhahisoleseding ya hao ya botho. Hona jwale, Yeelight e na le dibaka Beijing, United States, Russia, Germany, Indian le Singapore. Dibaka tsena tse mose ho mawatle tsa taolo di ka nna tsa ba le tshebediso ya melao ya tshireletso ya datha kapa tsa se be le yona e tshwanang haholo le melao ya taolo sebakeng sa heno. Re ka nna ra fetisetsa kapa ho boloka tlhahisoleseding ya hao ya botho dibakeng tsa rona tse mose ho mawatle. Le ha ho le jwalo, sena ha se fetole boitlamo bofe kapa bofe ba rona ba ho sireletsa tlhahisoleseding ya hao ya botho ho ya ka Pholisi ena ya ho Boloka Lekunutu.
Dihlahiswa tsa rona le ditshebeletso ha di sebediswe ke bana ba dilemo tse ka tlase ho 13, mme Yeelight ha e bokelle tlhahisoleseding ya botho ka bana ba ka tlase ho dilemo tse 13 Haeba o le ka tlase ho dilemo tse hlalositsweng, o lokela ho dumellwa ke batswadi ba hao pele o sebedisa dihlahiswa le ditshebeletso. Yeelight e eletsa batswadi hore ba thuse bana ba bona ba se hlahise mabitso a bona, aterese le dinomoro tsa founo inthaneteng ntle le tumello ya batswadi.
Yeelight ha e batle kapa ha e leke ho fumana tlhahisoleseding ya botho ka bana. Haeba motswadi kapa mohlokomedi wa ngwana a lemoha hore ngwana o hlahisitse tlhahisoleseding ya botho ho Yeelight ntle le tumello ya bona, hle ikhokahanye le rona ho netefatsa hore tlhahisoleseding e jwalo e phumulwe mme ngwana a kwale ditshebeletso kaofela tse amanang le Yeelight.
Haeba o dumetse Ditumellano tsa rona tse sebetsang tsa Mosebedisi, haeba ho na le ho se tshwane ho itseng pakeng tsa Ditumellano tse jwalo tsa Mosebedisi le Pholisi ena ya ho Boloka Lekunutu, ketsahalong eo Ditumellano tsa Mosebedisi ke tsona tse tla sebediswa.
Re boloka Pholisi ya rona ya ho Boloka Lekunutu e hlahlojwa botjha kamehla mme ho re ka ntjhafatsa tlhahisoleseding ya pholisi ya ho boloka lekunutu e le hore e bontshe diphetoho ditshebedisong tsa rona tsa tlhahisoleseding. Haeba re fetola dintho tse itseng ho Pholisi ya Rona ya ho Boloka Lekunutu, re tla o tsebisa ka emeile (re tla romela ho aterese ya emeile e leng akhaontong ya hao) kapa ra romela ka poso diphetoho kaofela tsa wepsaete ya Yeelight kapa ka software ya rona, hore o be le tlhahisoleseding ka seo re se bokellang le kamoo re se sebedisang. Diphetoho tse jwalo ho Pholisi ya rona ya ho Boloka Lekunutu e tla sebetsa ho tloha letsatsing le bontshitsweng tsebisong kapa ho websaete. Re o kgothaletsa hore nako le nako o hlahlobe leqephe lena bakeng sa tlhahisoleseding ya moraorao tshebetsong tsa hao tsa lekunutu.. Haeba o tswela pele o sebedisa dihlahiswa le ditshebeletso ho diwebsaete, difounu tsa mobale le/kapa sesebediswa sefe kapa sefe se seng re tla nka hore sena e le kamohelo ya Pholisi ya ho Boloka Lekunutu e nang le tlhahisoleseding e ntjhafaditsweng. Pele re sebedisa tlhahisoleseding ya botho bakeng sa dintho tse ntja tse sa dumellwang ke wena, re tla leka ho o tsebiba ka dintho tsena le merero mme ra o fa sebaka sa ho hula ho sena. Haeba tumello ya hao ya tlhahisoleseding ya botho e batlwa ke ba molao kapa konteraka, Yeelight e tla leka ho tsamaisana le molao kapa konteraka.
DITSHWANELO TSA CALIFORNIA MABAPI LE LEKUNUTU
Melao ya California e dumella basebedisi ba e leng badudi ba California ho kopa le ho fumana ho rona ka nngwe ka selemo, tshebediso ya mahala, le lenane la dikhamphane tse ding tseo re di senoletseng tlhahisoleseding ya botho (haeba di le teng) bakeng sa merero ya ho bapatsa selemong seo, haesita le mofuta wa tlhahisoleseding ya botho yeo e senotsweng.
Pholisi ya rona ya ho Boloka Lekunutu ha e sebetse bakeng sa dihlahiswa le ditshebeletso tse fanwang ke sehlopha se seng. Dihlahiswa tsa Yeelight le ditshebeletso di ka akaretsa dihlahiswa tsa dikhamphani tse ding, ditshebeletso le dilinki tsa diwepsaete tsa dikhamphani tse ding. Ha o sebedisa dihlahiswa tse jwalo kapa ditshebeletso, tsena le tsona di ka bokella tlhahisoleseding. Ka lebaka lena, re o kgothaletsa ka thata hore o bale pholisi ya ho boloka lekunutu ya dihlopha tse ding jwala ka ha o ile wa ipha nako ya ho bala ya rona. Re ke ke ra ikarabella bakeng sa mme re ke ke ra laola hore na ke jwang dihlopha tse ding di sebedisa tlhahisoleseding ya botho eo ba e bokellang ho tswa ho wena. Pholisi ya rona ya ho Boloka Lekunutu ha e sebetse bakeng sa diwebsaete tse ding tse hokeletsweng ditshebeletsong tsa rona.
Tsena ke melao ya dikhamphani tse ding le pholisi ya ho boloka lekunutu ha o sebediswa dihlahiswa tsena tse kgethehileng:
https://www.amazon.com/gp/help/customer/display.html/ref=hp_left_v4_sib?ie=UTF8&nodeId=201909010
Diwebsaete tsa rona di kenyeletsa difitjhara tsa sebaka sa metswalle , tse jwalo ka konopo e jwalo ya Facebook le diwijete , jwalo ka konopo ena ya Arolela kapa diporogramo tse nyenyane tse amanang tse sebetsang ho websaete ya rona. Difitjhara tsena di ka bokella aterese ya hao ya IP, hore na o etela leqephe lefe ho saete ya rona, mme di ka seta khuki ho etsa hore Fitjhara eo e kgone ho sebetsa ka nepo. Difitjhara tsa sebaka sa metswalle le diwijete di ka tshwarwa ke sehlopha se seng kapa tsa tshwarwa ke diwebsaete tsa rona ka kotloloho. Dikamano tsa rona le Difitjhara tsena di laolwa ke pholisi ya ho boloka lekunutu ya khamphani e fanang ka tsona.
Ho Itshetlehile ka taolo eo e leng tlasa yona, o ka nna wa kgona ho kena ho websaete ya rona ka ho saeba bakeng sa ditshebeletso tse jwalo ka Facebook Connect kapa mofani wa Open ID. Ditshebeletso tsena di tla netefatsa boitsebahatso ba hao, di tla o neha kgetha ya ho arolelana ka tlhahisoleseding e itseng ya botho (jwalo ka lebitso la hao le aterese ya imeile) le rona, ho kenya foromo ya rona e saenwang. Ditshebeletso tse jwalo ka Facebook Connect di o neha kgetho ya ho posa tlhahisoleseding mabapi le mesebetsi ya hao ho websaete ena leqepheng la hao la profaele ho ho e arolelana le ba bang hara neteweke ya hao.
TSHEBEDISANO/TUMELLANO YA BOIKARABELO
Haeba o na le dipotso mabapi le ka tsela yeo bolokang boitsebiso e le lekunutu kapa ka Pholisi ena ya ho Boloka Lekunutu, hle ikhokahanye le rona ka emeile ho privacy@yeelight.com. Re tla araba dipotso tsa hao le ho leka ho lokisa bothata le ha e le bofe ka lekunutu la hao ka nako.
Haeba o le mosebedisi wa Europe Union ya leng ka tlase ho GDPR, Yeelight e tla sebedisa taolo ya seseteme ho laola tlhahisoleseding ya hao ya botho ka ho tebileng, ditshebeletso ya ho laola le diseseteme tsa boitsebiso ka ho sebedisa se bitswang management methodology. Ho ya ka GDPR, ka mohlala , (1) Yeelight e beile Mosireletsi wa Tlhahisoleseding (DPO) ya hlokometseng tlhahisoleseding, mme o ka ikhokahanya le DPO ka dpo@ yeelight.com; (2) Yeelight e na le moemedi Yuropa, mme o ka ikhokahanya le moemedi ka representative@yeelight.com; (3)e na le taolo ya data protection impact assessment (DPIA).
Haeba o na le dintlha kapa dipotso ka Pholisi ya Rona ya ho Boloka Lekunutu kapa dipotso mabapi le ho bokella ha Yeelight boitsebiso, ho sebedisa kapa tshenolo ya tlhahisoleseding ya hao ya botho, hle ikopanye le Mosireletsi wa rona wa Tlhahisoleseding ya Botho ho aterese e ka tlase mme o hlahise mantswe "Pholisi ya ho Boloka Lekunutu":
Qingdao Yeelink Information Technology Co., Ltd.
F10-B4, Bldg.B, International Innovation Park, 1# Keyuanweiyi Rd., Laoshan, Qingdao, 266101, Shandong, China
Email: privacy@yeelight.com
Re a o leboha ka ho nka nako ya ho utlwisisa Pholisi ya rona ya ho Boloka Lekunutu!