Laesense ya Softewere le Tumellano ya Tshebeletso

[Tsebiso ya Bohlokwa]

[Qingdao Yeelink Information Technology Co., Ltd.] (yeo mona e bitswang "Yeelight") mona e hoposa mosebedisi hore a bale ka ho feletseng le ho utlwisisa Laesense ya Software le Tumellano ya Ditshebeletso ("Tumellano" ena).Mosebedisi o tla bala ka hantle le ka le ho utlwisisa ditekanyetso tsa tumellano, haholo tse akaretsang maemo kapa diphello tsa maikarabelo a Yeelight's, ditharollo tsa mathata a hlahang kapa melao. O lokela ho sheba haholo maemo kapa diphello tsa maikarabelo, tseo di tshwailweng. Hle bala hantle mme o kgethe ho amohela kapa ho se amohele Tumellano ena (ngwana o lokelwa ho ba le motswadi wa hae /mohlokomedi wa hao ha a bala tumellano ena). Ka ho jarolla, ho enstola kapa ho se bedisa software, haesita le ho etsa kapa ho kena akhaontong ya haoa, o amohela Tumellano ena mme o tla sebetsa ka tlase ho yona.

 Yeelight e na le tshwanelo ya ho fetosa tumellano ena. Ditekanyetso tse ntja tse ntjafaditsweng tsa tumellano ena di tla phatlalatswa wepsaeteng ya rona kapa ho software, mme tsa qala ho sebetsa ka lona letsatsing leo. Mosebedisi a ka jarolla, a enstola software kapa a sheba ditekanyetso tsa beshene e ntja tsa Tumellano ena wepsaeteng ya rona.Ka morao ha hore Yeelight e fetose ditekanyetso tsa Tumellano ena, haeba o sa dumellana le diphetoho kaofela, hle kgaotsa o sebedisa software le ditshebeletso hanghang tse hlahang ho Yeelight; haeba o tswelepele ho sebedisa software le ditshebeletso tsa Yeelight seo se tla bua hore o amohela ditekanyetso kaofela tsa Tumellano.

1. Dipehelo tse Akaretsang

1.1. Tumellano ena ke tumellalo e etswang mahareng ha wena (yo mona a bitswang "Mosebedisi") le Yeelight le basebedisane le yona (yeo mona a bitswang "Dikhamphane tse Ding") mabapie le dintho tseo Mosebedisi a di jarollang, enstola, le ho sebedisa software ya " Yeelight" (yeo mona e bitswang "Software") ya Yeelight le tshebediso ya ditshebeletso tsa Yeelight.

1.2. Software le ditshebeletso tse hlahang Yeelight bakeng sa ho enstola (e akaretsang empa e sa felle ho) ho dihlahiswa tsa difouno tsa moraorao, bakeng sa ho fihlisa ditshebeletso ho Mosebedisi ya sebedisang smart terminal.

1.3. Bolaodi le tshwanelo ya sebedisa Software le ditshebeletso bo ka tlase ha Yeelight.

2. Se Akaretswang ke Laesense ya Softewere

2.1. Yeelight e nea Mosebedisi Laesense ya hae, e ka se fetisetsweng, hore a sebedise Software ka tlase ha melao kaofela e ngotsweng mona.

2.2. Mosebedisi a ka kenya, bontsha le ho sebedisa Softewere sesebedisweng se le seng sa mobile terminal bakeng sa merero e seng ya kgwebo. Le ha ho le jwalo, Mosebedisi a ke ke a kenya kapa ho sebedisa Softewere bakeng sa merero ya ditshebediso tsa kgwebo. Mosebedisi ha a tshwanela ho kopitsa kapa ho fetola f datha efe kapa efe ya Softewere , kapa datha efe kapa efe e lokollwang ho memori efe kapa efe ya sesebediswa sa thapo nakong ya tshebetso ya Softewere le kenakenano le ho etsa datha pakeng tsa tlelaente le sevara nakong ya tshebetso ya Softewere ka diplak-in , kapa ho etsa tshebetso efe kapa efe ya sebopeho sefe kapa sefe e tswang ho yona, ho kenyeletswa le empa ha se tsena feela, ho diplak-in , phihlello ho Softewere le disistimi tse amanang le yona tse etswang ka dithulusi tse ding tse sa dumellwang/ditshebeletso. Haeba o batla ho re kisa, ho kopitsa kapa ho rekisa Software, ka mohlala, software pre-installation le ho rekisa dintho kaofela, o lokela ho fumana tumello e ngotsweng le laesense ho tswa Yeelight.

2.3. Ntle le tumello ya Yeelight, Mosebedisi a ka se enstole Software ho disebedisweng tse ding tseo di sa dumellwang ke Yeelight, ho akaretsa empa e seng ho fella ho Set-top boxes, dikhosoulo tsa dipapadi, thelebishene, dibapadi tsa DVD le tse ding.

2.4. Mosebedisi a ka nna a etsa khopi ya Softewere bakeng sa morero wa ho sebedisa Softewere le dihlahiswa, empa e tla ba feela bakeng sa bekup. Khopi ya bekup e tshwanetse ho kenya tlhahisoleseding kaofela ya khopiraete e fuperweng ho softewere ya mantlha.

2.5. Kantle le haeba e hlalositswe ho tumellano ena, Yeelight ha e fe Mosebedisi ditshwanelo tse ding. Haeba Mosebedisi a batla ho sebedisa ditshwanelo tse ding, o lokela ho fumana tumello e ngotsweng e tswang Yeelight

3. Ho Fumana, Ho Kenya le Ho Ntjhafatsa Softewere

3.1. Mosebedisi o tla jarolla le ho enstola Software ho tswa wepsaeteng kapa ka tsela e entsweng ke Yeelight. E ba hlokolotsi hore o se daunloude Softewere ho tswa ho diwebsaete tse seng molaong, e le hore o thibela hore dihlahiswa tsa mobile di se fumane di-program tse nang le ditshwaetso tse kotsi tse ka senyang datha ya mosebedisi le tse hlokang tlhahisoleseding ya lekunutu ya mosebedisi. Haeba o fumana Software kapa lenane la ho entola tse nang le lebitso le tshwanang le Software e tswang ho dikhamphane tse ding tseo di sa dumellwang ke Yeelight, Yeelight e ka se netefatse hore e tla sebetsa ka tsela loketseng mme Yeelight ha e amohele maikarabelo kapa ditshenyahalelo le ha e le dife tse ka hlahang.

3.2. Mosebedisi o tshwanetse ho kgetha phetolelo ya Software e nyallanang le sesebediswa sa terminal se kentsweng. Ho seng jwalo, mathata afe kapa afe a software, mathata a dihlahiswa kapa tshenyeho e bakwang ke ho se nyallane ha phetolelo pakeng Software le modele ya sesebediswa ho tla tadingwa e le boikarabelo bo feletseng ba Mosebedisi.

3.3. Bakeng sa ho kaonefatsa phihlelo ya Mosebedisi le ho beakanya ditshebeletso tsa yona, Yeelight e nale tshwanelo ya ho fetosa, ho ntjhafatsa le ho beakanya beshene ya Software, mme e na le tshwanelo ya ho lefitsa bakeng sa diphetoso, dikaonefatsao le ho beakanya ho jwalo ha beshene, empa e ka se hloke tumello ya hao e sa le pele bakeng sa tefiso e jwalo. Softewere e tla etsa hore fitjhara ya "upgrade prompt" e sebetse ka difolto bakeng sa Mosebedisi. Ho ya ka beshene ya Software yeo e sebediswang ke Mosebedisi, Yeelight e dumella Mosebedisi kapa e ka mo thibela ho sebedisa dikarolo tse itseng. Ka morao ha he beshene e ntja ya Software e lokollotswe, Yeelight e ka se netefatse hore beshene ya kgale ya Software e tla tswelapele e sebetsa.

4. Tshebediso ya Disepesiifikheishene

4.1. Mosebedisi a ka nna a sebedisa Softewere le ditshebeletso ho ya ka Tumellano ena le melao. Mosebedisi ha a tshwanela ho etsa diketso tse latelang:

4.1.1. Ho hlakola tlhahisoleseding efe kapa efe ya khopiraete ho Softewere le dikhoping tse ding, kapa ho fetola, ho hlakola kapa ho faposa ditshebetso tse hlophisitsweng bakeng sa Softewere bakeng sa tshireletso ya ditokelo tsa thepa ya bohlale;

4.1.2. Ho etsa ketso ya ho kgutlisetsa morao tshebetso ya boenjinere ba Softewere, jwalo ka ho e qhaqholla kapa diketso tsa ho leka ho fumana mohlodi wa khoutu ya Softewere;

4.1.3. Ho eketsa, ho tlosa kapa ho fetola difitjhara kapa dikgahlamelo tsa tshebetso tsa Softewere ka ho fetola kapa ho etsa ditaelo le datha nakong ya tshebetso ya Softeewre, kapa ho sebedisa kapa ho arolela batho bohle softewere kapa mekgwa e sebedisitsweng ka sepheo se hlalositsweng mona ka hodimo, e bang ke bakeng sa merero ya kgwebo kapa e seng jwalo;

4.1.4. Ho sebedisa Softewere ho etsa diketso dife kapa dife tse kotsi bakeng sa tshireletso ya netweke, tse kenyeletsang empa ha se tsena feela: ho sebedisa datha e sa dumellwang kapa fihlella disevara tse sa dumellwang/diakhaonte; phihlello ho dinetweke tsa batho bohle kapa ho sistimi ya tshebetso ya ba bang le ho hlakola, ho fetola kapa ho kenya tlhahisoleseding efe kapa efe e bolokilweng; boiteko bofe kapa bofe ba ho lemoha, ho sekhena kapa ho etsa teko ya sistimi ya Softewere kapa bofokodi ba netweke kapa ho etsa dintho tse ding tse senyang tshireletso ya netweke ; ho leka ho kenakenana le kapa ho senya tshebetso e tlwaelehileng ya Softewere kapa websaete, ho jala ka boomo diporogramo kapa divaerase tse kotsi, kapa ho etsa diketso tse senyang kapa tse kenakenanang le ditshebetso tse tlwaelehileng tsa tlhahisoleseding ya netweke; ho etsa mabitso kapa dikarolo tsa mabitso tsa TCP/IP datha pakete ;

4.1.5. Mosebedisi o sebedisa Software le ditshebeletso ka disoftware kapa diseseteme tse sa etswang kapa tsa dumellwa ke Yeelight kapa a etsa kapa ho phatlalatsa dihlahiswa tse ka hodimo;

4.1.6. Ntle le tumello e ngotsweng ke Yeelight, Mosebedisi a ka etsa dintho kaofela ho Software kapa ka tlhahisoleseding e ngotsweng mona, ho akarelletsa empa e seng ho qetella ho ho sebedisa, ho kadimisa, ho fa motho e mong, ho kopisa, ho fetosa, ho etsa linki, ho etsa software e tshwanang, ho boloka, ho phatlalatsa, ho etsa wepsaete e tshwanang, kapa ho etsa dintho tse sa dumellwang ka Software tse jwalo ka ho tsweletsa dihlahiswa tse sa lokelang, mesebetsi, ditshebeletso, plug-ins, kapa dikhokahano;

4.1.7. Ho sebedisa Softewere ho hatisa, ho fetisa, ho aba kapa ho boloka dikahare dife kapa dife ka tsela ya tlolo ya melao le melawana ya lehae;

4.1.8. Ho sebedisa Softewere ho hatisa, ho fetisa, ho arola kapa ho boloka dikahare dife kapa dife tse ka tsela e tlolang molao wa ditokelo o jwalo ka ditokelo tsa thepa tsa bohlale le diphriri tsa kgwebo tsa ba bang;

4.1.9. Ho sebedisa Softewere o hatisa, ho fetisa kapa ho arola tlhahisoleseding ya dipapatso kapa dispamo ka bongata;

4.1.10. Ho sebedisa Software le ditshebeletso tse ding tsa Yeelight, ka tsela e sa dumellwang ke molao, ka morero o sa dumellaneng le molao kapa ka tsela efe kapa efe e sa tsamaisaneng le laesense e leng ka tlase ho Tumellano ena.

4.2. Tlhahisoleseding e Tobileng ka Kgatiso

4.2.1. O ka sebedisa Softewere ho hatisa tlhahisoleseding jwalo ka dipontsho, datha, mongolo, tlhahisoleseding, mabitso a mosebedisi, ditshwantsho, dinepe, tlhahisoleseding ya botho, difaele tsa modumo kapa video, di-linki le tse jwalo tse entsweng ke wena kapa tseo o nang le tokelo ya ho di hatisa. O tshwanetse ho tiisa hore o na le ditokelo tsa thepa ya bohlale kapa o fumane tumello ya molao ya ho aplouda tlhahisoleseding ka bowena, mme hore tshebediso ya Softewere le ditshebeletso ha ho hatikelle ka maoto ditokelo dife kapa dife tsa molao kapa dithahasello tsa mokgatlo ofe kapa ofe.

4.2.2. Ha o ntse o sebedisa Softewere, o tshwanetse ho ikamahanya le melao le melawana ha lehae.

4.2.3. Ha o a tshwanela ho sebedisa Softewere ho etsa diketso tse latelang, tse kenyeletsang empa ha se tsena feela

4.2.3.1. Ho hlahisa, ho etsa hape, ho hatisa, ho arola kapa ho boloka dikahare dife kapa dife tse latelang tsa tlolang melao le melawana ya lehae;

4.2.3.2. Ho hatisa, fetisa, arola kapa ho boloka dikahare dife kapa dife tseo hatikelang ka maoto ditokelo tse jwalo ka tokelo ya lebitso le letle, tokelo ya setshwantsho, ditokelo tsa thepa ya bohlale le ho boloka lekunutu la kgwebo la ba bang;

4.2.3.3. Ho iqapela taba kapa ho pata nnete kapa ho thetsa ba bang;

4.2.3.4. Ho hatisa, ho fetisa kapa ho arola tlhahisoleseding ya dipapatso kapa dispamo;

4.2.3.5. Ho etsa diketso tse tlolang melao le melawana ya lehae le tse jwalo.

4.2.4. Ntle le tumello ya Yeelight, ha wa lokela ho rekisa Software ka tsela le ha e le efe, e ka ba ka ho bapatsa kapa ho rekisa ka ho lebanya.

4.3. O utlwisisa le ho dumela hore:

4.3.1. Yeelight ke yona e tla lekolang haeba Mosebedisi o latofatswa ka ho tlola molao o ka hodimo wa basebedisi, mme ka morao ha tekolo e jwalo, ya kgaotsa kapa ya emisa laesense yeo o e filweng kapa ya nka mehato e meng ya ho o thibela yeo e tla tsamaisanang le tumellano ena;

4.3.2. Yeelight e tla phumula tlhahisoleseding kaofela yeo ho nahanwang hore ha e molaong kapa e thulana le ditshwanelo tse itseng tsa batho ba bang kapa e thulana le Tumellano ena, yeo e phatlalatswang ke Mosebedisi nakong ya tshebediso ya laesense ya Software;

4.3.3. Haeba o tlola melao e hlalositsweng ka hodimo ya tshebediso mme sena sa etsa tshenyo e itseng ho dikhamphane tse ding, o lokela ho nka maikarabelo ka lebitso la hao ntle le thuso ya Yeelight mme Yeelight e ka se nke maikarabaelo, ditefiso kapa ditshenyahalelo tsa seo;

4.3.4. Mosebedisi o tla lefa Yeelight ditshenyahalelo mme e ka se nke maikarabelo ho ditshenyahalelo dife kapa dife, e ka ba dikhamphane tse ding, ditefiso tsa tsamaiso, ditshenyahalelo, ho akaretsa ditefiso tsa diloyara, ditefiso tsa dipatlisiso le ho bokellwa ha bohlatse bo bileng teng boo Yeelight e bo lefileng ka baka la he Mosebedisi a tlotse melao e loketseng ya Tumellano ena.

5. Pholisi ya ho Boloka Lekunutu le Tshireletso ya Datha ya Botho

5.1. Ho bohlokwa hore Yeelight e sireletse tlhahisoleseding ya hao ya botho. Bakeng sa ho tsweletsa dikarolo tsa Software e le ho kaonefatsa phihlelo ya Mosebedisi, Yeelight e tla bokella mofuta o itseng wa dhata e le tlhahisoleseding e ngotsweng ho Pholisi ya bo Boloka Lekunutu, yeo re e bokellang ra e sebedisa mme ra e sireletsa ho ya ka Pholisi ya Rona ya ho Boloka Lekunutu. Pholisi ya rona ya ho Boloka Lekunutu e teng wepsaeteng e latelang: https://cloud-bj.yeelight.com/privacy/en_US

5.2. Nako le nako re ka arolelana le Xiaomi datha e amanang le mefuta ya dihlahiswa tsa Xiaomi / Mijia / Mitu le ditshebeletso, e le hore le fane ka le ho ntlafatsa thahasello bakeng sa dihlahiswa le ditshebeletso (ho kenyeletswa le softewere le hatwere) ho tswa dikhamphaning tsa Xiaomi le Mi Ecosystem, le ho fana ka difitjhara tse molemo ho feta le boiphihlelo bo molemo ho feta ho mosebedisi.

6. Kotsi ya Tshebeletso le ho Itokolla Molaong bakeng sa Tleleimi

6.1. Mosebedisi o tshwanetse ho fumana sesebediswa se hlokahalang bakeng sa phihlello ya Inthanete le tshebediso bakeng sa ditshebeletso tsa boleng tsa telecom ka sesebediswa sa mobile terminal, le ho ikarabella bakeng sa ditefiso tsa kgokahanyo, ditefiso tsa tlhahisoleseding le ditjeo tse amehang tse hlahang ka lebaka la phihlello ho Inthanete bakeng sa sesebediswa sa botho sa thapo e tsamayang kapa ditefiso tsa batho ba bang (ho kenyeletsa le empa ha se tsena feela, bafani ba kgokahanyo ya thelefounu le kgokahanyo ya mobaele ). Haeba ho hlokahala ditshebeletso dife kapa dife tsa boleng tsa telecom, o tla tsebiswa ho netefatsa ditjeo tsa mofani wa hao tsa tshebeletso ya boleng ya telecom.

6.2. Yeelight le Dikhamphane tseo e sebedisanang le yona di ka se lefe ditshenyahahelo haeba ho etsahala hore Mosebedisi a be le ditshenyahalelo ka baka la bothata ba inthanete, bothata ba setekniki, netweke kapa bothata ba sesebediswa, ho hlolela ha seseteme le mathata a mang a itseng.

6.3. Softewere , jwalo ka boholo ba disoftewere tsa Inthanete, e ka angwa ke mabakqa a kenyeletsang empa ha a felle feela mabakeng a mosebedisi, boleng ba tshebeletso ya netweke, ditikoloho tse fapaneng, jj ., mme hape e ka ba ka lebaka la ditshitiso tse amanang le mabaka a fapaneng a tshireletso, jwalo ka tshebediso ya datha ya Mosebedisi ke batho ba bang, se hlahisang kgahlapetso bophelong ba sebele; softewere e nngwe e daunloudwang le ho kengwa ke Mosebedisi kapa diwebsaete tse etelwang ke Mosebedisi di na "Trojan horse" le divaerase tse ding, tse tshosetsang tshireletsetso ya tlhahisoleseding le datha ya sesebediswa sa terminal sa Mosebedisi, mme sena se ama tshebediso e tlwaelehileng ya Softewere . Mosebedisi o tshwanetse ho eketsa tshireletso ya tlhahisoleseding le tshireletso ya datha ya mosebedisi, le ho hlokomela hore o matlafatsa tshireletso ya phasewete, e le hore a qobe tahlehelo le ho kgahlapetswa.

6.4. Ha Mosebedisi a sebedisa Software kapa a kopa Yeelight ho hlahisa ditshebeletso tse itseng, Software e ka sebedisa seseteme ya khamphani e itseng kapa thuso ya software ho thusa Mosebedisi hoa sebedisa kapa ho kena. Diphetho tsa tshebediso kapa phihlelo di tla fanwa ke motho e mong. Yeelight ha e netefatse tshireletseho, hore tsamaiso e tla sebetsa hantle haeba e le ka tlase ho diseseteme tse jwalo kapa di software, mme Yeelight ha e nke maikarabelo a ditshenyahalelo ka diseseteme tse jwalo; haeba ho hlaha ditshenyahalelo, Yeelight e a ka se nke maikarabelo.

6.5. Yeelight e kopa Mosebedisi a shebisise sena hantle, bakeng sa ho sireletsa tswelopele ya kgwebo ya khamphani le dikaonafatso, Yeelight e na le tshwanelo ya ho fetosa kapa ho kgaotsa ditshebeletso ka nako efe kapa efe ntle le ho lemosa Mosebedisi le ntle le ho nka maikarabaelo ho Mosebedisi le dikhamphani tse ding.

6.6. Ka ntle le ha ho hlalositswe ho melao kapa ditaelo, re tla leka ka hore ho netefatsa hore Software le thekinolotji le tlhahisoleseding di sireleditswe, di a sebetsa, di hantle mme di a tshepahala; empa hoa ya ka thekinolotji e sebediswang , Mosebedisi o utlwisisa hantle hore Yeelight e ka se netefatse sena ka ho feletseng.

6.7. Mosebedisi o ikarabella ka ho feletseng bakeng sa dikotsi dife kapa dife tsa botho kapa ditshenyehelo tse hlahang ka lebaka leo, ho kenyeletswa le empa e ha tsena feela, tahlehelo ya profiti, tahlehelo ya datha, tshitiso kgwebong kapa ditshenyehelo kgwebong tse hlahisang ka lebaka la: (1) tshebediso kapa ho hloleha ho sebedisa laesense ya Software; (2) ho sebedisda Software ka tsela e seng molaong kapa ho fetosa tlhahisoleseding ya Mosebedisi ke dikhamphani tse ding ; (3) ditefiso kapa ditshenyahalelo tsa Mosebedisi nakong ya ho sebedisa Software; (4) ho se utlwisisane ha Mosebedisi nakong ya ho sebedisa Software; (5) ditshenyahalelo tse ding mabapi le Software ka mabaka a seng ho Yeelight.

6.8. Ketsahalo ya ditahlehelo dife kapa dife tsa botho kapa tsa moruo tseo e ka nnang ya ba e bile ka lebaka la ketso e entsweng ke Mosebedisi le basebedisi ba bang ba softewere ka softewere efe kapa efe, kapa ka lebaka la ho faposwa kapa ho thetswa ha Mosebedisi, batho ba molato ke bona ba jarang boikarabelo ba tseo.

7. Polelo ya Ditokelo tsa Thepa ya Bohlalel

7.1. Yeelight ke yona e nang le ditshwanelo kaofela ho Software. Ditokelo tsohle tsa thepa ya bohlale tse jwalo ka khopiraete, lebitso la khamphani la kgwebo, patente, lekunutu la kgwebo, jj , tse amanang le Softewere , le tlhahisoleseding kaofela e amanang le Softewere (ho kenyeletswa empa ho se kaofela, mongolo, ditshwantsho, modumo, video, dikerafiki , moralo wa inthafeisi , moralo, datha kapa ditokomane tsa elektroniki, jl) di sireleditswe ka molao le melawana le ditumellano tse amanang le ona tsa matjhaba. Yeelight ke yona e nang le ditshwanelo kaofela tsa software, le Xiaomi / Mijia / Mitu trademark.

7.2. Ntle le tumello e ngotsweng ya Yeelight, Mosebedisi a ka se sebedise ka boyena kapa a fetisetsa ditshwanelo tse ka hodimo tsa software bakeng sa ho di rekisa kapa ka merero ya ho fumana tsheletse, kapa ho dumelela motho e mong. Yeelight e na le tshwanelo ya ho nka mehato ya semolao bakeng sa dintho tse jwalo.

8. Diphetoho

8.1. Yeelight e na le tshwanelo ya ho fetosa ditekanyetso tsa Tumellano nako le nako ka kgetho ya yona, mme diphetoho tse jwalo tsa ditekanyetso di tla phatlalatswa ka nako diwepsaeteng tse loketseng. Haeba o sa dumellane le phetoho efe kapa efe, o tla nka mohato wa pele wa hore o hlakole ditshebeletso. Haeba o tswelapele ho sebedisa ditshebeletso, re tla nka hore o amohela Tumellano e fetotsweng.

8.2. Ka dinako tse itseng Yeelight le Dikhamphani tse sebedisanang le yona, ka kgetho ya yona e ka fetosa kapa ya beakanya ditshebeletso tse rekiswang, tsela ya ho lefisa, mofuta wa ho lefisws le tefo ya ditshebeletso le ditekanyetso tsa ditshebeletso. Nakong ya ho hlahisa ditshebeletso, Yeelight e ka qala ho lefisa basebedisi bakeng sa dintho tse itseng kapa nakong e tlang. Haeba Mosebedisi a hana ho lefa ditefiso tse jwalo, Mosebedisi a ka se tswelepele a sebedisa ditshebeletso ka morao ha karolo e jwalo ya ditefiso.Yeelight le Dikhamphane tse sebedisanang di tsa etsa maiteko a maholo ho tsebisa Mosebedisi ka diphetoho kaofela ka emeile kapa ka mofuta o mong

9. Molao o Sebetsang le Tharollo ya Ditsekisano

9.1. Tshebetso le tlhaloso ya Tumellano ena di tla laolwa ke melao ya Mainland of the People's Republic of China. Moo dipehelo tse amehang tsa melao di leng siyo, ho tla shejwa ditshebetso kgwebo matjhabengle/kapa ditshebetso tsa kgwebo.

9.2. Tumellano ena e saenilwe Laoshan District, Qingdao.

9.3. Bobedi Mosebedisi le Yeelight ba dumellana hore mathata afe kapa afe a hlahang ho ditshebeletso a tla rarolwa ke mosebedisi le Yeelight. Haeba ho se na tharollo e fihlellwang ka dipuisano tse jwalo, Motho ka mong ya amehang a ka hlahlela tsekisano ya hao lekgotleng la dinyewe le nang le taolo e tshwanelehang sebakeng seo ho saenweng Tumellano ena ho sona.

10. Dintho tse ding

10.1. Bakeng sa tshebeletso e qollehileng ya Softewere, ho ka ba le tumellano e ka thoko le melawana e amanang ya kgwebo, jj, (ho tloha mona ho bolelwa ka yona e ho kopaneng jwalo ka "tumellano e ka thoko"), kahoo ka kopo bala le ho dumela tumellano e amehang e ka thoko pele o sebedisa tshebeletso e qollehileng.

10.2. Tumellano ena e tla qala ho sebetsa ka 20th ya letsatsi la Sept, 2018.

10.3. Dihlooho dinthong tsohle tse leng Tumellanong ena ke bakeng sa ho etsa hore ho be bonolo ho di sheba mme di ke ke tsa qhelelwa thoko tlhalosong ya Tumellano ena.

10.4. Haeba pehelo efe kapa efe Tumellanong ena e fetoha kapa e se e sa sebetse kapa e ke ke ya kengwa tshebetsong ka mabaka afe kapa afe, dipehelo tse setseng di sebetsa ka ho feletseng mme di a tlama bakeng sa Dihlopha ka bobedi tse amehang ho yona.

YEELIGHT